LLIFI YA HO KULA, LLIFI YA HO SE ITEKANELE LE HO YA PENSHENENG KA BAKA LA HO KULA TSHEBELETSONG YA MMUSO
Ke tlwaelo hore neng kapa neng bophelong o kule kapa o lemale mme moo o tla tshwanela ho fumana llifi ya hore o hlaphohelwe ho kuleng kapa ho lemaleng hoo. Re kopa hore o ele hloko hore ho lemala mona ha ho buuwe ka ho lemala o le mosebetsing.
KE DIFE DITSHWANELO TSA HAO?
Matsatsi a 36 a ho sebetsa a llifi e tlwaelehileng ya ho kula ka moputso o felletseng saekeleng ya llifi ya ho kula. Saekele ya llifi ya ho kula ke nako dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Saekele ya ha jwale ya llifi ya ho kula e qadile ka la 1 Pherekgong 2004.
NA KE AFE MAIKRABELO A HAO MABAPI LE HO SEBEDISA LLIFI YA HO KULA?
Ha o tseba pele ho nako hore o lokela ho ya tshebetsong tsa bongaka, mohlala, oporeishene, etsa kopo mme o romele foromo ya hao ka nako.
Le ha ho le jwalo, ha o ka kula ka potlako feela kapa wa lemala, tsebisa suphavaesa ya hao ka potlako hore ha o kgone ho tla mosebetsing ka baka la ho kula kapa ho lemala. Molaetsa wa molomo ho tswa ho wa leloko, mosebetsi mmoho kapa motswalle o amohelehile feela haebe mofuta le/kapa bonamo ba ho kula/ho lemala bo etsa hore o hlolehe ho tsebisa suphavaesa/manejara wa hao ka bowena.
Romela setifikeiti sa bongaka sa ho kula sa matsatsi a mararo kapa ka hodimo MME haebe o se sebedisitse llifi ya ho kula ka hodimo ho makgetlo a mabedi nakong ya beke tse 8, ho sa natswe nako ya ho se be teng. Sheba hape le Kamohelo ya Setifikeiti sa Bongaka mona ka tlase.
Ho sebedisa le ho laola llifi e tlwaelehileng ya ho kula ka tsela e nang le boikarabelo le kelo hloko ka nako ya saekele ya llifi ya ho kula.
Tlohela ho sebedisa llifi ya ho kula bakeng sa merero e meng eo e seng ya ho kula kapa ho lemala hobane o ka kena mathateng ha morao saekeleng ya llifi ya ho kula.
NA KE BOFE BOIKARABELO BA MOHIRI?
Ho ela hloko le ho o neha llifi ya ho kula ka ho ya ka kopo ya hao.
Ho lebela le ho batlisisa ka ditlwaelo tse itseng tsa llifi e tlwaelehileng ya ho kula bakeng sa ho bona hore na ha ho na tshebediso e sa lokang ya yona. Le ho nka mohato ha ho hlokeha. Tlasa mabaka a mang mohiri a ka kopa setifikeiti sa bongaka bakeng sa nako e ka tlase ho matsatsi a 3 haebe ho na le tlwaelo e hlauweng.
Ho eletsa basebetsi hore ba sebedise llifi ya ho kula ka kelello.
Ho fetola tikoloho ya ho sebeletsa kapa ditlhoko tsa mosebetsi kapa a ho batlele mosebetsi o mong oo o ka o etsang, jwalojwalo, moo ho hlokehang.
Llifi ya ho se itekanele ke benefiti eo o ka etsang kopo ya yona ha ho ka etseha hore o qete matsatsi a hao a llifi e tlwaelehileng ya ho kula saekeleng ya dilemo tse 3 ya llifi ya ho kula. Llifi ya ho se itekanele ke ya merero ya botsamaisi e hlophisitsweng ka mefuta e mebedi:
Ho se itekanela ha nako e kgutshwane ? mona ke ha nako ya llifi ya ho itekanela eo o entseng kopo ya yona e le ya matsatsi a 29 kapa ka tlase
Ho se itekanela ha nako e telele ? mona ke ha o etsa kopo bakeng sa matsatsi a 30 kapa ka hodimo hoo a llifi ya ho itekanele
O ka etsa kopo ya ketsahalo efe kapa efe e hlokang llifi ya ho se itekanele, ka ho ya ka -
romela setifikeiti sa bongaka bakeng sa ketsahalo ka nngwe; le dipatlisiso tsa mohiri mabapi le mofuta le bonamo ba ho kula le ho lemala ha hao.
NA BOIKARABELO BA HAO KE BOFE?
Etsa kopo ka diforomo tsa kopo tse beuweng. O kotjwa hore o ele hloko hore o lokela ho etsa kopo diforomong tsa kopo tse beuweng tsa llifi ya ho se itekanela ya nako e kgutshwane le e telele ka tatellano. Ha o sa tla sebedisa foromo ya Z1 bakeng sa hona.
Ha o tseba pele nako hore o lokela ho ya tshebetsong ya bongaka, mohlala, oporeishene, etsa kopo e be o romela foromo ya hao ya kopo pele ho nako.
Le ha ho le jwalo, ha o ka hlaselwa ke ho kula ka tshohanyetso kapa wa lemala, tsebisa suphavaesa ya hao ka potlako ha o sa kgone ho sebetsa ka baka la ho kula kapa ho lemala. Molaetsa wa molomo ka wa leloko, mosebetsi mmoho kapa motswalle o amohelehile feela ha mofuta le/kapa bonamo ba ho kula/lemala bo etsa hore o hlolehe ho bolella suphavaesa/manejara wa hao ka bowena.
O lokela hore ka mehla o romele setifikeiti sa bongaka le kopo ya hao. Hape o ka romela le diraporoto le tlhahisoleseding ya bongaka e tshehetsang ha e le teng, ekasitana le mabaka a tshehetsang a ngotsweng fatshe mmoho le kopo ya hao ya llifi ya ho se itekanele. Sheba hape le seratswana sa sehlooho se reng Kamohelo ya Ditifikeiti tsa Bongaka.
Tlohela ho sebedisa llifi ya hao ya ho se itekanela hampe.
NA KE BOFE BOIKARABELO BA MOHIRI?
Mohiri o tla ho neha llifi ya ho se itekanele e nang le dipehelo mme hona ho tla itshetleha hodima sephetho sa diphuputso tsa hae tsa mofuta le bonamo ba llifi ya ho se itekanele.
Mohiri o tla laola le ho fuputsa kopo ya ha, ka thuso ya Health Risk Manager, ka ho ya ka Leano le Mekgwatshebetso ya Llifi ya ho Itekanele le Ho ya Pensheneng ka Baka la ho Kula (Policy and Procedure on Incapacity Leave and Ill-health Retirement - PILIR). O ka kotjwa hore o ye dihlahlobong tse ding hape tsa bongaka jwalo ka karolo ya diphuputso e le hore mohiri a tle e etse qeto a na le tsebo ka llifi e tswelang pele ya ho se itekanele kapa mohlala, kgonahalo ya ho fetola tikoloho eo o sebetsang ho yona kapa ho fumanelwa mosebetsi o mong oo o ka o etsang.
Mohiri o tla ntsebisa ka diphetho tsa ona le mehato e lokelwang ho nkuwa ka ho ya ka diphetho.
NA HO YA PENSHENENG KA BAKA LA HO KULA HO BOLELANG?
Ha o ka hloleha bakeng saruri ho sebetsa tlasa mabaka a bongaka, o ka lokollwa/lebohiswa mosebetsi wa Tshebeletsong tsa setjhaba tlasa mabaka a bongaka.
NA HONA HO KENYELLETSA ENG?
Ke wena kapa mohiri wa hao ya ka qalang taba ya penshene ya ho kula ha ho ka belaelwa hore ha o kgone saruri ho sebetsa. Hona e ka ba mohlala mohlomong ka mora kotsi e mpe haholo ya koloi.
Ha o entse kopo ya llifi e telele ya ho se itekanele mme diphuputso tsa mohiri di supa hore o ke ke wa kgona ho sebetsa bakeng saruri, kopo ya hao ya ho se itekanele e ka nyollelwa kopong ya penshene ya ho kula.
NA BOIKARABELO BA HAO KE BOFE?
O ka kotjwa hore o tlatse diforomo tse ikgethang tsa kopo ya hoya pensheneng ka baka la ho kula.
Romela ditifikeiti tsa bongaka le diraporoto le dintlha dife kapa dife tse ding tsa bongaka tse tshehetsang tse leng teng mmoho le kopo. Sheba hape le tlasa sehlooho se reng Kamohelo ya Ditifikeiti tsa Bongaka.
NA BOIKARABELO BA MOHIRI KE BOFE?
Mohiri o tla laola le ho fuputsa ka kopo ya hao, ka thuso ya Health Risk Manager, ka ho ya ka PILIR. O ka lokela ho ya dihlahlobong tse ding hape tsa bongaka jwalo ka karolo ya ho fuputsa e le hore mohiri a tle a kgone ho etsa qeto a na le tsebo ka kgonahalo ya hao ya ho ya pensheneng ka baka la ho kula, kapa ha o sa kgone ho sebetsa bakeng saruri, ho etsa qeto a na le tsebo ka, mohlala, kgonahalo ya ho fetolwa ha tikoloho eo o sebetsang ho yona kapa ho fumanelwa mosebetsi o mong oo o ka o etsang.
Mohiri o tla ho tsebisa ka diphetho e be o nka mehato e tshwanetseng ka ho ya ka diphetho.
KAMOHELO YA DITIFIKEITI TSA BONGAKA!
Bakeng sa merero ya llifi e tlwaelehileng ya ho kula ditifikeiti tsa bongaka tseo ho fanwang ka tsona mme di saenwe ke dingaka le batho ba dumelletsweng ho hlahloba le ho alafa bakudi mme ba ngodisitseng le dikhansele tse latelang tsa profeshenale tse theilweng ka Molao wa Palamente di tla amohelwa:
Bakeng sa merero ya llifi ya ho fellwa ke bokgoni mohiri o tla amohela feela setifikeiti sa bongaka se ntshitsweng mme sa saenwa ke dingaka tse ngodisitseng le Khansele ya Profeshene ya Bophelo bo Botle ya Afrika Borwa (Health Professions Council of South Africa) mme bao ba dumelletsweng ka molao ho hlahloba le ho alafa bakudi. Setifikeiti se jwalo sa bongaka se tshwanetse hore, ka tumello ya hao e nang le tsebo, se hlalose mofuta le bonabo ba ho kula/ho lemala.
Setifikeiti sa bongaka se tshwanetse ho kenyelletsa dintlha tse latelang:
Lebitso, aterese le mangolo a thuto a ngaka.
Lebitso la mokudi.
Mohla le nako ya hlahlobo.
Hore na ngaka e fana ka setifikeiti ka baka la temoho ya hae ka nako ya hlahlobo, kapa ka baka la tlhahisoleseding e fumanweng ho tswa ho mokudi mme e theilwe hodima mabaka amohelehileng a bongaka.
Tlhaloso ya ho kula/bothata, ha feela mokudi a fane ka tumello ya ho senolwa ha tlhahisoleseding e jwalo.
Hore na mokudi o hloleha ka botlalo ho sebetsa kapa mokudi o tla kgona ho phetha mosebetsi o seng matla haholo moo a sebetsang.
Nako e kgothaletswang ya llifi ya ho kula le mohla wa ho ntshwa ha setifikeiti sa ho kula.
Boitsebiso ba ngaka haebe e sebedisa ditifikeiti tsa bongaka tse hatisitsweng pejana, haebe mantswe a sa amaneng le mokudi a lokelwa ho hlakolwa.
ELA HLOKO!
Mohiri a ka ela hloko le ho qala ho batlisisa ka kopo ya hao feela hang ho ba o romele foromo e tshwanetseng ya kopo e tlatsitsweng le ditokomane tsohle tse hlokehang. Hona ho kenyelletsa ho kgutlela ngakeng ya hao hore e ilo tlatsa raporoto e hlokehang eo e leng karolo ya diforomo tsa kopo. Foromo ya kopo e sa fellang e ka ho bakela mathata a ho fumana llifi ya ho fellwa ke bokgoni kapa ho ya pensheneng ka baka la ho kula.
Haebe o?
hloka nako ya ho se be teng mosebetsing o ya ngakeng, ho moalafi, jj. Bakeng sa mabaka a amanang le bophelo/boitekanelo ba hao; kapa ha o be teng mosebetsing bakeng sa karolo e itseng ya letsatsi ka baka la ho kula kapa ho lemala; kapa holofetse mme o isa disebediswa tsa bohole ho ya lokiswa, mohiri o tla ho neha nako ya hore o se be teng mosebetsing bakeng sa diketsahalo tsena. Mohiri o tla boloka rekoto e ngotsweng fatshe ya dinako tseo o di nkileng o sa tla mosebetsing ho fihlela di etsa letsatsi le le leng le felletseng. E be dinako tseo tsohle di hulwa matsatsing a hao a llifi ya ho kula.
Bakeng sa hona, o tla lokela ho tlatsa rejistara ya nako hore e tle e be rekoto ya hao.
Bopaki ba diketsahalo tsena le bona bo tla hlokeha.
